Jump to content

Grants:IdeaLab/Inspire/Mass message/st

From Meta, a Wikimedia project coordination wiki
This page is a translated version of the page Grants:IdeaLab/Inspire/Mass message and the translation is 100% complete.

Ho fihlela ka Phuptjane re ntse re hlophisa an Inspire Campaign ho khothaletsa le ho ts ehetsa mehopolo e mecha e shebaneng le ho sebetsana le tlhekefetso ho batšehetsi ba Wikimedia The 2015 Harassment Survey e bontšitse bopaki ba hore tlhekefetso ka mekhoa e fapaneng ho bitsa mabitso litšokelo khethollo ho tsoma le ho iketsa motho e mong hara tse ling ho tletse hohle. Mekhoa le litsamaiso tse teng tsa ho sebetsana le tlhekefetso le tsona li nkoa li sa sebetse Boitšoaro bona bo kotsi ka ho hlakileng me ho feta moo batho ba bangata ba hlaheloang ke tlhekefetso kapa ba bonang ho hlekefetsoa ha ba kenye letsoho mererong ea Wikimedia kapa ba khaotsa ho kenya letsoho ka botlalo.

Litlhahiso ka puo efe kapa efe li amoheloa nakong ea lets olo merero ea lipatlisiso tharollo ea tekheniki tlhophiso ea sechaba le boikitlaetso ba litaba kapa ntho e ncha ka ho felletseng Lichelete li fumaneha ho Wikimedia Foundation bakeng sa merero e hlokang tšehetso ea lichelete Maikutlo a hahang mabapi le mehopolo a ananeloa me ho khothaletsoa tšebelisano moho tsebo ea hau le boiphihlelo ba hau li ka thusa ho tlisa morero oa motho e mong bophelong Ikopanye le rona ho Inspire Campaign e le hore re ka sebetsa moho ho hlahisa mehopolo mabapi le taba ena ea bohlokoa le e thata.